Phuputso ya BASIS KIDS ke eng?

Phuputso ya BASIS KIDS e etsa moriana teko wa phuputso bakeng sa bashemane ba nang le hemophilia A kapa B. Phuputso e tla hlahloba polokeho ya moriana wa phuputso le hore na o etsang mmeleng. Bafuputsi ba batla ho hlahloba haeba moriana ona wa phuputso o ka thibela ho tswa madi ho tlwaelehileng bathong ba nang le hemophilia.

Moriana wa phuputso ha o nke sebaka sa kalafo ya factor replacement. O thibela ntho eo ka tlhaho e fumanwang mmeleng e emisang tshebetso ya mahlwele a madi. Ka ho etsa sena, moriana wa phuputso o ka lebisa keketsehong ya tshebetso ya mahlwele a madi.

Ho tseba Charlie le mme wa hae, Hannah, ha ba re bolella ka maikutlo a bona ka hemophilia le ho nka karolo diphuputsong tsa bongaka.

Sheba Video ya "In My Shoes"

Ke bomang ba ka nkang karolo?

E ele hore ngwana wa hao a tshwanele bakeng sa phuputso ena, o tlameha:

  • Ho ba motona mme a be ka tlase ho dilemo tse 18
  • Ho ba le hemophilia A e totileng kapa e totileng ka mokgwa o mahareng ho isa ho hemophilia B e totileng, e nang le kapa e se nang dikgini (inhibitors)
  • Ho fihlela ditlhoko tse eketsehileng, jwalo ka ha ho behilwe ke tshebetso ya tlhahlobelo
  • Batho ba bang ba hlahisa dikgini ho nkela sebaka sa kalafo ya factor replacement, e thibelang ho sebetsa le ho etsa mahlwele a madi. Sena se etsa hore ho be thatale ho feta ho emisa ho tswa madi. Moriana wa phuputso o ntseng o lekwa ha o anngweke dikgini.

Ho etsahalang nakong ya phuputso?

Ngwana wa hao o tla ba phuputsong nako e ka bang dikgwedi tse 14. Nakong yohle ya phuputso, ngwana wa hao o tla ba le diketelo tsa setsing le ho bua ka mohala le moifo wa phuputso ho hlahloba bophelo ba hae.

Kamora hore ngwana wa hao a phethele phuputso, a ka nna a ba le kgetho ya ho tswela pele ho sebedisa moriana wa phuputso ka nako e atolositsweng e le karolo ya phuputso e ka thoko. O ka buisana ka sena le ngaka ya phuputso ya ngwana wa hao haeba o na le thahasello.

Dipotso tse Botswang Kgafetsa (Di-FAQ)

Tumello

Ngaka ya phuputso e tla hlahloba le wena pele Foromo ya Tumello e Nang le Kutlwisiso, e nang le dintlha tsohle tsa phuputso. Nka nako yohle eo o e hlokang ho e nahana mme o botse dipotso dife kapa dife tseo wena le ngwana wa hao le nang le tsona. Haeba o dumela ho dumella ngwana wa hao ho kenela phuputso, o tla fana ka tumello ya hao ka ho saena foromo ena. Ngwana wa hao le yena a ka saena foromo e tshwanang e bitswang Foromo ya Ho Dumela e leng se bontshang hore o dumela ho nka karolo phuputsong.

Sheba Video ya Tumello e Nang le Kutlwisiso

Tlhahlobelo

Ho bona haeba ngwana wa hao wa tshwaneleha bakeng sa phuputso, ngaka ya phuputso e tla botsa dipotso mabapi le bophelo ba ngwana wa hao, nalane ya bophelo, le meriana eo a e sebedisang. Ngwana wa hao o tla boela a etswe tlhahlobo ya mmele le hore tswa diteko tse itseng, ho kenyeletswa le diteko tsa madi le moroto. Nako ya tlhahlobelo e tla ba hoo e ka bang kgwedi e le nngwe


Kalafo ya Phuputso

Bana bohle ba tshwanelehang bakeng sa phuputso ba tla fumana moriana wa phuputso bakeng sa dikgwedi tse 12. Nakong yohle ya phuputso, ngwana wa hao o tla boela a be le diketelo tse ka bang 9 ka seqo setsing le ho letsetswa mehala e 5 le moifo wa phuputso ho hlahloba bophelo ba hae. Diketelo tse ding tsa tsona di ka etsahala lapeng ha hao haeba o kgetha jwalo le haeba melao ya lehae e dumella seo.


Tshalomorao

Haeba ngwana wa hao a kgetha hore a se tswele pele ka moriana wa phuputso jwalo ka karolo ya phuputso e ka thoko, ngaka ya phuputso e tla ikopanya le wena ho hlahloba bophelo ba ngwana wa hao matsatsi a 30 kamora ho sebedisa tekanyo ya ho qetela ya moriana wa phuputso.

Moriana wa phuputso o fanwa jwang?

Ho fapana le kalafo ya Factor replacement’, e fanwang ka dipompelo tsa kamehla (e kengwang butle butle mothapong wa madi), moriana wa phuputso o fanwa e le ente e hlajwang ka kotloloho lereng le mafura ka tlasa letlalo hanngwe ka beke.

Ente ya pele e tla fanwa setsing sa phuputso. Ditekanyo tse ding di tla fanwa lapeng, kapa setsing haeba o kgetha jwalo.

  • Tlhokomediso: Moo ngwana wa hao a hlajwang ente teng ho ka itshetleha ka hore na o sebedisa serinji se tlatsitsweng esale pele kapa pene.
  • Sebaka se tla boela se itshetlehe ka hore na e be ngwana wa hao ke yena ya itlhabang ka ente ka boyena kapa haeba mohlokomedi kapa ngaka ya phuputso ke yona e mo hlabang ka ente.
Ditaelo tsa ho enta

Ke diteko tsa mofuta ofe tseo ngwana wa ka a tla ba le tsona diketelong tsa phuputso?

Diketelong tsa phuputso, ngwana wa hao o tla etsa diteko tsa ho hlahloba bophelo ba hae. Mona ka tlase ke diteko tse ding tseo ngwana wa hao a tla ba le tsona. O ka se be le diteko tsena kaofela ketelong e nngwe le e nngwe.

Matshwao a Bohlokwa

Tlhahlobo ya Mmele

Tekolo ya Manonyeletso

Diteko tsa Madi

Teko ya Moroto

Tshebetso ya Pelo (ECG)

Mathathamo a Dipotso


Na ho na le se seng seo ke tla tlamehang ho se etsa nakong ya phuputso?

O tla fuwa sesebediswa sa elektroniki se tshwarwang ka letsoho jwalo ka smartphone ho bokella tlhahisoleseding nakong ya phuputso, ho kenyeletswa:

  • Ho tswa madi hofe kapa hofe hoo ngwana wa hao a bang le hona
  • Meriana efe kapa efe e sebediswang ho alafa ho tswa madi ha ngwana wa hao
  • Ha ngwana wa hao a entwa ka moriana wa hae wa phuputso

Fumana Setsha sa Phuputso

Mona ka tlase ke lethathama la ditsi tsa phuputso sebakeng sa lona:

Showing 0 Results Near You

Study Site

Study Provider

Address

Contact