Dipotso mabapi le Kalafo ya Phuputso
Bana bohle ba tshwanelehang bakeng sa phuputso ba tla fumana moriana wa phuputso bakeng sa dikgwedi tse 12.
“Moriana wa phuputso” o bolela moriana oo hajwale o esong ho tjhaelwe monwana ke ba boholong ba bophelo ba laolang ba naha e qollehileng hore o sebediswe bakeng sa ho alafa lefu empa o dumeletswe ho sebediswa bakeng sa merero ya phuputso ya bongaka.
Jwalo ka meriana kaofela, ho na le monyetla wa hore ho be le ditlamorao, e leng dikgahlamelo tse sa batleheng le tse sa lebellwang, ka lebaka la moriana wa phuputso. Bophelo ba hao bo tla behwa leihlo le ntjhotjho nakong yohle ya phuputso. Ho bohlokwa ka kho fetisisa hore o bolelle ngaka ya phuputso haeba o lemoha diphetoho dife kapa dife bophelong ba ngwana wa hao kapa haeba o na le ntho efe kapa efe e o tshwenyang.
Tjhe. O tla sebedisa meriana ya ngwana wa hao ya hemophilia e tlwaelehileng e laetsweng ke ngaka ho alafa ho tswa madi ha ho etsahala. Ngaka ya phuputso e tla o tsebisa hore na o sebedise moriana o mokae le neng.
Dipotso tsa Phuputso tse Akaretsang
Ngwana wa hao o tla ba phuputsong nako e ka bang dikgwedi tse 14.
Ngwana wa hao o tla etela sets isa phuputso ka makgetlo a ka bang 10 ka kakaretso bakeng sa diteko (sena se kenyeletsa ketelo ya ho hlahloba ho tshwaneleha ha ngwana wa hao). Diketelo tse ding di ka etsahala lapeng ha hao haeba o kgetha jwalo le haeba melao ya lehae e dumella seo. Ngwana wa hao o tla boela a letsetswe mohala ka makgetlo a ka bang 6 ke moifo wa phuputso ho hlahloba bophelo ba hae (ho letsetswa mehala e 5 ha a ntse a sebedisa moriana wa phuputso le ho letsetswa mohala ha 1 kamora ho phethela kalafo).
Ngwana wa hao a ka una molemo ka kotloloho kapa a ka nna a se une molemo ka ho kenela phuputso ena ya bongaka. Ngwana wa hao o tla behwa leihlo ka ho tswelang pele ho tswa dingakeng tse nang le tsebo e hlwahlwa ka hemophilia, mme tlhahisoleseding efe kapa efe e bokellwang nakong ya phuputso e ka thusa dingaka ho ithuta ka ho eketsehileng mabapi le ho alafa ban aba bang ba nang le hemophilia.
Ho Dumella ngwana wa hao ho nka karolo phuputso ho ke ke ha o jarisa ditjeo dife kapa dife. Ngwana wa hao o tla fumana moriana wa phuputso le diteko tsa phuputso ntle le ditjeo ho wena.
Kamora hore ngwana wa hao a phethele phuputso, a ka nna a ba le kgetho ya ho tswela pele ho sebedisa moriana wa phuputso ka nako e atolositsweng e le karolo ya phuputso e ka thoko. O ka buisana ka sena le ngaka ya phuputso ya ngwana wa hao haeba o na le thahasello.
Ho kenela phuputso ke ka boithaopo ka ho feletseng Haeba ngwana wa hao a kenela phuputso mme e be hamorao o fetola mohopolo wa hae, a ka tlosa phuputsong ka nako efe kapa.

